Phodiso ya Pelo e Robilweng (791 KB)
Qaleho: Lentswe La Modimo
A romela lentswe la hae, a ba fodisa, a ba ntsha mabitleng a bona. LIPESALEMA 107:20
Lentswe la Modimo le a refodisa le ho re pholosa. Le a re fetola esita le maphelo a rona.
Lentswe la Modimo le tla o fetola. Lipesameng 1:1-3 Davida o ngotse hore motho ya nahanang lentswe motsheare le bosio o jwalo ka sefate se hlomilweng pela metsi a kwellang, seo a se etsang kaofela se a mo atla.
Ho hlongwa ke ho tsitsa. O ka tsitsa, ntho enngwe le enngwe eo o e tsang e ka atleha. Ka ho etsa jwalo ke ho re fela o nahane ka lentswe la Modimo.